BUKANA YA TATAISO
HO YA KA KAROLO YA 51
YA MOLAO WA KGOTHALLETSO
YA HO FIHLELLA TLHAHISOLESEDING,
MOLAO WA 2 WA 2000
Mohla e lekolwang botjha la ho qetela: Hlakola 2003
LENANE LA TSE KA HARE
SELELEKELA ??????????????????
DINTLHA TSA BAO O KA ITEANYANG LE BONA ????????
MOLAO ????????????????????
HO FIHLA DIREKOTO TSE MATSOHONG A NPI ??
DITSHEBELETSO TSE KA FUMANWANG ?????
HO SE IKOBE ?????????????????.
SELELEKELA
NPI e ngodisitswe e le khamphani ya Section 21 ya Molao wa dikhamphani, Molao wa 61 wa 1973, mme nomoro ya yona ke 75/04742/08.
NPI ke ya Setjhaba, eo bakeng sa tsamaiso ya karolo e laolang Matlotlo a Setjhaba e nkuwang e le lekalana la Lefapha la Mesebetsi.
Ho ba moetapele wa bokgoni ba Afrika Borwa ba tlhahiso e akaretsang, e
Sibollang, mme ya ntshetsopele e tswellang bakeng sa kuno e lekanang bohle ka tsela ya boikarabelo setjhabeng
National Productivity Institute ke mokgatlo o dikarolo di tharo o ikemiseditseng ho ho ntshetsa pele le ho ntlafatsa bokgoni ba Afrika Borwa ba tlhahiso ka ho phahamisa moya wa boraro boo bo kopaneng ka diphuputso, phatlalatso ya lesedi, thupelo, ho thusa, ho batlisisa, bohlakisi le bolebedi ditabeng tsohle tsa tlhahiso le diphepetso tsa ho ntlafatsa boemo ba bophelo ba Maafrika Borwa ohle.
DINTLHA TSA BAO O KA ITEANYANG LE BONA
Aterese le Dinomoro tsa Mohala
Mohala: +27 12 341 1470
Motho ya beilweng (Mohlanka wa Tlhahisoleseding)
Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding
Aterese ya Poso ya E
Balaodi
Modulasetulo
Motlatsi wa Modulasetulo
Ditjhelete le Tsamaiso
Basebetsi
Ntshetsopele, Tshehetso le Dikgokahano
Diprojeke tsa Bohlokwa
Dikarolo tse ntseng di hlaha
Tsebo le Bokgoni
Boeletsi (ya tshwereng mokobobo)
Kantoro ya Sedika sa Durban
Tsebo, Tsamaiso le Diphuputso
NPI e na le kantoro ya naha e fumanwang Pretoria le dikantoro tse pedi tsa sedika Durban le Cape Town. Kantoro ka nngwe e na le Motsamaisi wa sedika.
NPI e qapile mananeo a mahlano a bohlokwa ho shebana le tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, mawa le mesebetsi ya NPI. Lenaneo ka leng le tsamaiswa ke Motsamaisi wa mananeo.
Mananeo ke ana:
Boitshwaro ba Tlhahiso le Bokgoni
Diphuputso, Taolo ya Tsebo le Tshehetso,
Ho Tsepamisa le ho Ntshetsa pele Ttlhahiso,
Ho Tshehetsa Mesebetsi ya Naha ya ho Bontsha Mawa
Ditshebeletso tsa Boeletsi
Dikarolo tsa botshehetsi tsa NPI tse sebelletsang lenaneo ka leng ke:
Ditjhelete, Thekenoloji ya Tlhahisoleseding le Tsamaiso
Basebetsi
MOLAO
Molao wa Kgothalletso ya ho Fihlela Tlhahisoleseding, Molao wa 2 wa 2000 (oo tokomaneng ena o tla bitswa ?Molao?) o reretswe ho hlakisa tokelo ya molao wa motheo ya ho fihlela lesedi lefe kapa lefe le tshwerweng ke Mmuso le motho e mong, mme le hlokahalang bakeng sa ho sebedisa kappa ho sireletsa ditokelo dife kapa dife, le ho hlokomela tse amanang le lona.
Ho ya ka Karolo ya 10 ya Molao ona Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho e tlameha ho phatlalatsa tataiso e nang le lesedi la mofuta ona ha ho na le motho ya le hlokang (eo tokomaneng ena a tla bitswa ?Mokopi?) e le hore Mokopi a tle a fumane lesedi le mmusong kapa le mothong e mong, ha lesedi leo le hlokahala bakeng sa ho sireletsa ditokelo tsa Mokopi.
Tataiso eo e ne e le siyo ha ho hlophiswa papitshana ena. Tataiso ena e lebelletswe ho fumaneha ho HSRC pele ho mafelo a Phato 2003. Dipatlisiso mabapi le sena di ka lebiswa Khomisheneng ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho, eo ho ka ikopanngwang le yona mona:
Mohala: 484-8300;
Dipatlisisiso mabapi le lesedi le bolokilweng NPI mme le hlokahalang bakeng sa ho sireletsa ditokelo dife kapa dife le tsona di ka lebiswa Lefapheng la Mesebetsi ? lefapha la mmuso leo NPI e ikarabellang ho lona. Dintlha ka botlalo mabapi le Lefapha la Mesebetsi ke tsena: -
Mohala: 309-4000
Ho ntlafatswa ha pampitshana ena
Ha ho hlokahala NPI e tla ntlafatsa pampitshana ena le ho phatlalatsa dihlomathiso ha ho hlokeha, le ka dinako tse sa feteng selemo nako ka nngwe.
HO FIHLELLA DIREKOTO TSE MATSOHONG A NPI
Ha ho tlhaloso ya ditaba tseo NPI e nang le direkoto tsa tsona kapa dihlopha tsa direkoto e teng e ka phatlalatswang. Ditaba tseo NPI e nang le direkoto tsa tsona le dihlopha tsa direkoto tseo NPI e nang le tsona mofuteng ka mong wa ditaba di ka tsejwa feela ha ho ka etswa kopo ya tsona.
Tsela ya ho kopa
Ho ya ka Molao ona, mokopi o lokela ho fumantshwa rekoto ya ditaba tsa setjhaba ebang mokopi a kgotsofaditse ditlhoko tsohle tsa Molao tsa tsamaiso mabapi le kopo ya ho fihlella rekoto eo, ha eba rekoto eo e sa thibelwa ka mabaka afe kapa afe, kapa thibelo e jwalo e boletsweng Molaong.
Mofuta wa kopo
Kopo ya bo fihlella rekoto jwalo ka ha ho hlalositswe Molaong e lokela ho dumellana le Foromo ya A ya Sehlomathiso sa B sa Molawana wa 187 wa 15 Hlakola 2002, oo khopi ya ona e ka fumanwang websaeteng ya NPI, kapa ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding wa NPI kapa ho e mong wa Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding.
Ha eba mokopi a sa tsebe ho bala kapa ho ngola, kapa a ena le boqhwala bofe kapa bofe bo mo sitisang ho sebedisa tokelo ya hae jwalo ka ha e hlalositswe ka pejana, kopo ya ho fihlella rekoto e ka etswa ka molomo ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding le/kapa ho ofe kapa ofe wa Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding.
Tefello ya direkoto
Ho ya ka dipehelo tsa Molao, ditefello tsa ho hlahisa botjha direkoto tse matsohong a NPI di behilwe Ntlheng ya 2 ya Karolo II ya Sehlomathiso sa A sa Molawana wa 187 wa 15 Hlakola 2002. Kopi ya lesedi lena e ka fumanwa websaeteng ya NPI, kapa ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding le/kapa ho ofe kapa ofe wa Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding.
DITSHEBELETSO TSE LENG TENG
Lekala la Boeletsi la NPI le etsa mosebetsi o ikgethang wa ho hlahloba ditsela tsa tlhahiso tsa indasteri, kgwebo le mokgwa wa setjhaba hammoho le mekgatlo ya baahi, mme le eletse hore tsena di ka ntlafatswa jwang. Sehlopha sa NPI sa baeletsi se thusa ka boitsebelo bo batsi le bokgoni boo ba bo fumaneng ka ho etsa mesebetsi e mengata haholo ya tlhahiso mebarakeng ya lehae le ya matjhaba selemo le selemo. Lenaneo lena le tsamaisa ditshebeletso tsa lona ka metjha e tsepamisitseng maikutlo ditikolohong tse nne, e leng Setsi sa Tekolo, Mekgwa ya ho Ithuta, Taolo ya Thekiso, le Taolo ya Tshebetso. Lesedi le fetang lena mabapi le ditshebeletso tsena le ka fumanwa websaeteng ya NPI, kapa ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding le/kapa ho Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding.
HO SE IKOBE
Ho fapana le dibopeho tse ding tsa setjhaba, NPI ha e na metjha ya ka hare ya boipiletso. Ha mokopi a dumela hore NPI e iphapantse le/kapa ho sitwa ho ikobela boitlamo ba yona ho ya ka Molao, taba ena e tlameha ho rarollwa ka puisano ya setswalle pakeng tsa mahlakore a amehang, mme ha ho sa dumellanwe, lehlakore ka leng le bolokolohing ba ho ya lekgotleng la dinyewe la sebaka seo.
